1Lintoa le lintoa li tsoa kae har’a lōna? Na ha di tswe mona, ditakatsong tsa lona tse lwantshang ditho tsa lona na?
2Le a lakatsa, mme ha le rue letho; le a bolaya, mme le lakatsa ho rua, empa ha le kgone ho fumana;
3Le a kopa, mme ha le amohele, kahobane le kopa hampe, hore le tle le je ka ditakatso tsa lona.
4Lona bafebi, na ha le tsebe hoba setswalle sa lefatshe ke bora ho Modimo? ka hona, e mong le e mong ya ratang ho ba motswalle wa lefatshe, ke sera sa Modimo.
5Na le lekanya hoba Lengolo le bolela lefeela, le re: Moya o ahileng ka ho rona o re honohela?
6Empa o re fa mohau o fetisisang. Ke ka baka leo o re: Modimo o hanela ba ikhohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.
7Ka baka leo, ipeeng tlasa Modimo. Hanyetsang Diabolose, mme o tla le balehela.
8Atamelang ho Modimo, mme o tla le atamela. Hlwekisang matsoho a lona, lona baetsadibe; mme le hlwekise dipelo tsa lona, lona ba dipelo tse pedi.
9Ikokobetsang, le siama, le lle; litšeho tsa lōna li fetohe ho siama, le thabo ea lōna e fetohe masoabi.
10Ikokobetseng pela Morena, mme o tla le phahamisa.
11Bana beso, le se ke la buana hampe. Ya rohakang ngwanabo, mme a ahlola ngwanabo, o bolela molao hampe, mme o ahlola molao;
12Mofani wa molao o mong, ya ka tsebang ho pholosa le ho timetsa;
13Jwale, lona ba reng: Kajeno, kapa hosasane, re tla ya motseng o jwalo, mme re tla hlola teng selemo kaofela, re reke, re rue;
14athe ha le tsebe se tla etsahala hosasane. Hobane bophelo ba hao ke bofe? Ke mouwane, o bonahalang ka nakwana, o ntoo nyamela.
15Le ka be le re: Ha Morena a rata, re tla phela, re etse hore, kapa tjena.
16Empa jwale le ithorisa ka boithoriso ba lona;
17Ka baka leo, ho ya tsebang ho etsa botle, mme a sa bo etse, ho yena ke sebe.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.