2 Timothea 4 - The New Testament in Sotho(SothoNT)

2 Timothea 4

1Ke o laela ke hona pela Modimo, le pela Morena Jesu Kreste, ya tla ahlola ba phelang le ba shweleng mohla a hlahang le ka mmuso wa hae;

2U bolele lentsoe; o phakise ka nako, leha e sa tshwanele; o laye, o kgalemele, o kgothatse ka mamello yohle le ka thuto.

3Hobane nako e tla tla eo ba ke keng ba mamella thuto ya pholoho; empa ka ho hlohlona ha ditsebe tsa bona, ba tla ipokellela baruti ka ditakatso tsa bona;

4Mme ba tla kgelosa ditsebe tsa bona nneteng, ba kgelohele ditshomong.

5Empa wena, fadimeha nthong tsohle, o mamelle bohloko, o etse mosebetsi wa mmoledi wa Evangeli, o phethe tshebeletso ya hao ka botlalo.

6Hobane jwale, ke se ke tla nyeheloa, mme nako ya ho tloha ha ka e atametse.

7Ke loanne ntoa e ntle, ke qetile leeto la ka, ke bolokile tumelo.

8Ho tloha jwale, ke beetswe moqhaka wa ho loka, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tla nnea wona ka tsatsi leo, mme e seng nna feela, empa le bohle ba ratang ponahalo ya hae.

9Etsa ka mafolo-folo a hao hore o tle ho nna kapele.

10Hobane Demase o ntahlile, ka ho rata lefatshe la jwale, mme o ile Thesalonika; Keresense o ea Galatia, Tite o ea Dalmatia.

11Ke Luka a le mong feela ea nang le ’na. Nka Mareka, u tle le eena, hobane o na le thuso ho ’na tšebeletsong.

12Ke mo rometse Tikikase Efese.

13Kobo eo ke e siileng Troase ho Karpase, ha o etla, o tle le wena, le dibuka, haholo tsa matlalo.

14Alexandere setei sa koporo o nkentse bobe bo boholo; Jehova a mo busetse ho ea ka mesebetsi ea hae.

15Le wena o mo hlokomele; hobane o hanyeditse mantswe a rona haholo.

16Ha ke araba pele, ha ho a ka ha eba motho ya emang le nna, empa bohle ba ntahlile;

17Leha ho le jwalo, Morena o ile a ema le nna, mme a mpha matla; e le hore ka ’na molaetsa o ka tsebahatsoa ka botlalo, le hore lichaba tsohle li utloe: ’me ka lopolloa molomong oa tau.

18Morena o tla ntopolla mesebetsing yohle e mebe, mme o tla mpolokela ho isa mmusong wa hae wa lehodimo: ho yena e be kganya ka ho sa feleng! Amen.

19Dumedisa Perisika le Akuila, le ba ntlo ya Onesiforase.

20Erastase o ile a sala Korinthe, empa Trofimase yena ke mo siile Miletame a kula.

21Etsa sohle se matleng a hao ho tla pele ho mariha. Eubulose o a o dumedisa, le Pudene, le Linase, le Klaudia, le baena bohle.

22Morena Jesu Kreste a be le moya wa hao! Mohau o be le lona. Amen. (Lengolo la bobedi le yang ho Timothea, le neng le beilwe mobishopo wa pele wa kereke ya Baefese, le ne le ngotswe ho tswa Roma, ha Paulose a ne a tliswa ka pela Nero kgetlo la bobedi.)

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help