1A motho a re nke re le bahlanka ba Kreste, le balebedi ba diphiri tsa Modimo.
2Hape, ho batloa ho batsamaisi, hore motho a fumanoe a tšepahala.
3Empa ho nna ke ntho e nyenyane ho ahlolwa ke lona, leha e le ka kahlolo ya batho;
4Hobane ha ke tsebe letho ka bonna; leha ho le jwalo ha ke a bewa ya lokileng ka hona: empa ya nkahlolang ke Jehova.
5Ka baka leo, le se ke la ahlola letho pele ho nako, ho fihlela Morena a etla, ya tla hlahisa tse patilweng tsa lefifi leseding, mme a bonahatse merero ya dipelo;
6Bana beso, taba tseo ke di tshwantshitse ho nna le ho Apolose, ka baka la lona; le tle le ithute ka ho rona ho se lebale batho ho fetisa se ngodilweng, hore ho se ke ha eba e mong wa lona ya ikgohomosetsang e mong ho e mong.
7Hobane ke mang ya o etsang hore o fapane le e mong? ’me u na le eng eo u sa kang ua e amohela? jwale, haele moo o e amohetse, o ithorisa jwang, jwalokaha eka ha o a e fuwa?
8Jwale le kgotshe, jwale le ruile, le busitse le le marena kantle ho rona;
9Hobane ke re, rona baapostola Modimo o re beile morao jwaloka ba kgethetsweng lefu;
10Re mahlanya ka baka la Kreste, empa lona le bohlale ho Kreste; rona re a fokola, empa lona le matla; lona le bahlomphehi, empa rona re a nyatseha.
11Ho fihlela nakong ena re lapile, re nyorilwe, re hlobotse, re a otlwa, mme ha re na bodulo;
12Mme re sebetsa ka thata, re sebetsa ka matsoho a rona; ha re hloriswa, re a mamella;
13Ha re ntse re nyefolwa, re a kopa;
14Ha ke ngolle taba tseo ho le hlabisa dihlong;
15Hobane leha le ka ba le baruti ba dikete tse leshome ho Kreste, bontata lona ha ba bangata;
16Ka baka leo, ke a le rapela: Ebang baetsisi ba ka.
17Ke ka baka leo ke le rometseng Timothea, e leng mora wa ka ya ratwang, ya tshepahalang Moreneng, ya tla le hopotsa metsamao ya ka e ho Kreste, jwalokaha ke ruta hohle diphuthehong tsohle.
18Jwale ba bang ba ikgohomositse, jwaloka hoja ke sa tlo tla ho lona.
19Empa ke tla tla ho lona haufinyane, ha Morena a rata, mme ke tla tseba, e seng puo ya ba ikgohomosang, empa ke tla tseba matla a bona.
20Hobane mmuso wa Modimo ha o puong, empa o matleng.
21Le batla eng? A ke tle ho lona ka molamu, kapa ka lerato, le ka moya wa bonolo?
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.