1Jwale, moelelo wa ditaba tseo re di boletseng, ke hore: Re na le moprista e moholo ya dutseng ka letsohong le letona la terone ya E moholo mahodimong;
2Ke mosebeletsi wa Sehalalelo, le wa tabernakele ya nnete e hlomilweng ke Jehova, e seng motho.
3Hobane moprista e moholo e mong le e mong o beelwa ho nyehela dinyehelo le mahlabelo;
4Hobane hoja a ne a le lefatsheng, e ne e sa tl’o ba moprista, kahobane ho na le baprista ba hlahisang dinyehelo ka molao;
5Ba sebeletsang mohlala le moriti wa dintho tsa lehodimo, jwalokaha Moshe a laetswe ke Modimo, ha a le haufi le ho etsa tabernakele;
6Empa jwale o fumane tshebeletso e fetisang ka boholo, kamoo e bileng mmoelanyi wa selekane se fetisang kateng, se theilweng hodima dipallo tse fetisang ka molemo.
7Etsoe hoja selekane sa pele se ne se se na sekoli, ho ka be ho sa ka ha batloa sebaka sa sa bobeli.
8Hobane o a ba nyatsa, o re: Bonang, ho tla matsatsi ao ke tla etsa selekane se setjha le ntlo ya Iseraele le ntlo ya Juda, ho bolela Jehova.
9E seng ka selekane seo ke neng ke se hlabile le bontata bona, mohla ke neng ke ba tshwara ka letsoho ho ba ntsha naheng ya Egepeta; hobane ha ba ka ba tiisetsa selekaneng sa ka, mme ha ke a ka ka ba ela hloko, ho bolela Jehova.
10Hobane sena ke selekane seo ke tla se etsa le ntlo ya Iseraele kamora ditshiu tseo, ho bolela Jehova; Ke tla kenya melao ea ka likelellong tsa bona, ke e ngole lipelong tsa bona, ’me ke tla ba Molimo oa bona, ’me e tla ba sechaba sa ka.
11Ba ke ke ba ruta e mong le e mong wa habo, e mong le e mong ngwanabo, a re: Tseba Jehova, hobane bohle ba tla ntseba, ho qala ka e monyenyane ho isa ho e moholo.
12Hobane ke tla ba hauhela bokgopo ba bona, mme ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa bona le makgopo a bona.
13Ka ho re: Selekane se setjha, o sentse sa pele. Jwale se bolang, se tsofalang, se se se tla fela.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.